The Association of SA Quantity Surveyors
Public Entrance
History
Role of ASAQS
Career as a Q.S.
ASAQS Reports
Code of Conduct
Management
Staff of ASAQS
Building Cost

 

asaqslogo55

  DIPHUPUTSO TSA BOLENG PHEPETSO MOSEBETSING WA PROFESHENE

 

TLHOKEHO TSA BOTHO

Mofuputsi o ikemahanya le batho maemong ohle, eka ba borantshetsopele, diradi, baenjeneri, bafuputsi ba naha, maqwetha, boradibuka kapa boradikontraka, boradikontraka ba banyane, bomaithutwane mmoho le basebetsi ka kakaretso.

Bafuputsi ba lebeletswe ho ba hlwahlwa mosebetsing wa bona mabapi le mekga yohle e amehang, e leng hore ba loketse ho hloka leeme le ho ba le bonnete ba nepahalo mererong ya bona.

Ntle le mosebetsi wa tshebetso ya poraefete, bokgoni ba mofuputsi wa boleng bo folwa molemo mekgahlelonge latelang ya moruo.

  • kaho
  • ntshetsopele ya thepa
  • mmuso
  • ditjhelete

Baetapele ba bangata lefatsheng la kgwebo ke bafuputsi ba boleng ba nang le mangolo.

HANTLE SEO MOFUPUTSI WA BOLENG A SE ETSANG KE ENG?

Mesebetsi e tlwaelehileng ya mofuputsi wa boleng:

  • ho lokisa dipatlisiso le ditekanyetso tsa merero e sisintsweng
  • ho hlophisa Melao ya Boleng le tokomane ya thendara ho fumana merero e hlokang leeme ya dithendara tsa merero
  • ditherisano tsa kontraka tsa kaho
  • ho rala ditokomane tsa kontraka
  • ho disa ditjeo le ho fana ka tlaleho ho bareki nakong ya ho hlophisa le kaho ya merero
  • ho etsa qeto ka ditjeo tsa ho qetela merero

Ntshetsopele ya thepa:

  • dikhampane tsa ntshetsopele
  • boithaopo ba motho le bokgoni ba mohwebi

You may also read this information in:
Afrikaans
English
Xhosa
Zulu

DIPHUPUTSO TSA BOLENG ke mosebetsi o tsweileng matsoho ho banna le basadi ba ikemiseditseng ho ba le seabo tshebetsong ya kaho le ntshetsopele.

Maemong a jwale a ditjeo tse matla le sekgahla se hodimo sa ntshetsopele, seabo sa mofuputsi wa boleng hwale ke sa bohlokwa ho feta nakong eo ho neng ho thehwa mosebetsi ona Engelane ka 1785.

Mofuputsi wa boleng o sebetsa jwaleka moeletsi wa ditjhelete le ntshetsopele ntshetsopeleng ya kaho le thepa ya di-indasteri, ho eletsa bareki mabapi le tshebediso ya ditjhelete mmoho le maqiti ho una molemo o felletseng wa mehlodi e teng.

 

Kontraka ya kaho e nang le dikhampane tsa kaho tse kgolo kapa tse nyane.

Ntshetsopele ya indasteri

  • merafo
  • petrole-khemikale
  • indasteri e matla

Ntshetsopele ya setjhaba lapeng, lebatoweng kapa naheng ka mokgatlo wa phumantsho ya bodulo wa poraefete kapa wa setjhaba, ditshebeletso tsa setjhaba le merero ya ntshetsopele ya tlhekelo ya mosebetsi.

Seabo morerong ofe kapa ofe o hlokang moralo le tlhophiso tsa sebele kapa bokgoni ba ditjhelete le bohwebi.

Dipatlisiso tse amang le meruo ya kaho/thepa, tswala ya matsete a kgwebo, mekgwa e amang tshebetso, tharollo ya kuno ya ditjeo mabapi le thepa ya kaho mmoho le kgetho ya mokgwa kaho mmoho le mahlakore a mang a mangata a ka thabisang bareki indastering ya kaho.

MOTHO O KENA JWANG MOSEBETSING WA MOFUPUTSI WA BOLENG

Tsela di pedi:

  • dilemo tse nne o le sekolong kapa tse hlano tsa o le lapeng tsa digree tsa B.Sc(QS) univesithing
     
  • diploma ya teknikone ya dilemo tse tharo e hatetsengpele ho lebisa ho digree ya B-Tech kamora ho ithuta hape selemo

Maemong ana a ka bobedi a ho kena ho na le tsela ya boitjhoriso ho fihlella boingodiso bo felletseng ho ba moithutwana wa profeshene wa mofuputsi wa boleng.

Ho bile ho na le thuto ya ngollano ya dilemo tse pedi eo moithuti a ka e fumanang ho ba motlatsi wa mofuputsi wa boleng.

Di-univesithi tse tsheletseng le diteknikone tse robong Afrika Borwa di fana ka dithuto tsa diphuputso tsa boleng. Dikahare tsa thuto, puo e sebediswang mmoho le dipehelo tsa ho amohelwa di ka fumaneha ka ho otloloha dibakeng tsena tsa thuto.

MOFUPUTSI WA BOLENG A KA LEBELLA HO AMOHELA BOKAE?

Ho ba setho sa mosebetsi o itseng o ananelwang-jwaleka dingaka, diradi le ba bang - mofuputsi wa boleng a ka lebella moputso o loketseng maemo a mosebetsi ona. Sehlahlo, thahasello, boitelo ntlafatsong ya bokgoni ba motho mmoho le ho sebetsa ka thata, ke tholwana tsa moputso o motle.

TLHAHISOLESEDING ENNGWE

Tlhahisoleseding enngwe e ka fumaneha ho tswa ho Mokgatlo wa Afrika Borwa wa Bafuputsi ba Boleng (Association of South African Quantity Surveyors) ka ho letsetsa (011) 315-4140 kapa fax (011) 315-3785 kapa ka ho ngolla ho Molaodi, ASAQS, PO box 3527, HALFWAY HOUSE, 1685.

 

 

 

 

envelope

Tlhahisoleseding enngwe

 


<Home> <CUG> <Public> <Edutech> <Calendar> <News> <Web shop> <Library> <Chat> <Links> <E-mail> <Classifieds> <Search>

+ site created on : 19 May, 1997 + site updated on : 05 May, 2010 +

netgro

The Association of South African Quantity Surveyors hold copyright to all information provided by it for use on the Internet.